|
|
|
Tsa NGO
Week |
Komisi ea temo,
lihloliloeng le tikoloho, e bile le phutheho nakong ea NGO Week moo
baneng ba seka-seka litaba tse amanang le tikoloho le molao.
Phutheho ena e ile ea bonts’a hore ka selemo sa 2003 e le komisi,
ebile le meralo oa ts’ebetso e neng e kenyelletse pokello ea metsi
le ho bokelletsa matlakala.
Meralo ena se o qalile le ha feela ts’ebetso ena e sa le qalong
haholo. Ho haha matamo, ke taba e ka sehlohlolong kahare ho naha
hape re bona naha ea Afrika Boroa e bonahala e ena le thahasello
haholo ea pokello ea metsi. Lesotho ke naha e nang le menyetla e
meholo ea pokello ea metsi. Ho fata matamo kapa khaho ea matamo
Lesotho, e amme baahi ba bangata haholo metseng ka ha bongata bo ile
ba tlameha ho fallisoa.
Ho fallisoa hona ho bolela ho siea libaka tseo ba holetseng ho siea
libaka tseo ba holetseng ho tsona ‘me hona ho bolela phetoho ea
bophelo ba bona.
Nakong e fetileng, Transformation Resource Centre e ne etetse libaka
tsa ha Mohale le batho baneng ba fallisoe moo, bongata bo ne bo
bonts’a hore bo hopotse haholo metse eo ba holetseng ho eona. Ba
bang bane ba bile ba nts’a meokho ha ba hopola masimo a bona le
libaka tseo ba neng ba bapala ho tsona ha esale bana. Bothata bo
bong bo boholo ka taba ea hore ho thata ha ha joale ho Basotho ho
iphelisa ka chelete e kaalo ka M1000.00 ka selemo ba seena masimo.
Hona le moroalo o mocha oo mekhatlo e batlang ho bea leihlo matamo a
ntseng a ahoa kahare ho naha hore na a arabela lithloko tsa Basotho?
Taba e ngoe ke hore linoka li a pshaa ka lebaka la matamo a mangata
a ntseng a ahoa ‘me hona ho ka emisa ho phalla ha metsi ka linoka le
linokana. Moemeli oa mokhatlo oa basebetsi ba lifeme, Monghali
Lebakae Bahlakoana ha a bua o ile a re metsi a Lesotho mona ha a ea
hloeka ho hang.
“Hona le Batho bao ba ntseng ba enoa metsi a kopaneng le sesepa se
hlatsoang libokate ka lifemeng tsa Lesotho”. Metsi a libokate tsena
a phalla joalo a kena linokaneng tsa metsi ao re a fepeloang ke
mohloli oa rona o moholo oa metsi a tse’beliso malapeng. Sechaba se
haufi le linokana tsena sehloka ho sireletsoa hore se se kopane le
metsi ao tlas’a maemo a fe kapa a fe. Bana ba banyenyane le bona ba
lula ba bapalla haufi le metsi ka ho tola kahara ona ke ho se tsebe
mathata a bophelo a ka bakoang ke lichefo tse metsing ao. |
|