|
|
|
Re
ikemiselitse selemo sa 2006! |
Seboka se akaretsang sa
selemo sa Lekhotla la Mekhatlo e Ikemetseng se bonts’itse thahasello
e matla haholo ho tsoa ho mekhatlo, bo ralitaba le bohle ba neng ba
memiloe ho etsa lipuo
ekasitana le litho tsa tsamaiso ea lekhotla. Ho bile le baemeli ba
fetang 132 ba tsoang mekhatlong ka ho fapana.
Thahasello ena e ile ea makatsa ba bangata kaha e bile tloaelo ho
tsoa mekhatlong ho se ee ‘mokeng ha ho sa ts’oaroe likhetho. Leha ho
le joalo, Lekhotla la Mekhatlo e Ikemetseng le nka monyetla ona ho
leboha bohle ba atlehisitseng seboka sena. Lekhotla le boetse hape
le leboha litlatsetso tsohle tse entsoeng ka nako ena. Le bile le
thabetse ho bona mekhatlo e ikemiselitse; e fetoha le liqholotso tse
ncha tsa nakong ea joale bakeng sa kholo ea lona lekhotla le
mekhatlo ts’ebetsong ea eona. Liphethoho ho mekhatlo le lekhotla ke
ntho ea bohlokoa haholo hobane hona ho bonts’a ho fetoha le linako
le tsoelopele ea mekhatlo ho ena le ho tapa-tapa ‘nqa e le ‘ngoe.
Qalong ea selemo, lekhotla le ile la iphumana le shebane le
liqholotso tse ‘maloa tse neng li kenyelelitse ho shebana le
phokotso ea bofuma, ho sebetsana le thlokomelo ea tikoloho, ho bona
hore mekhatlo ea phela ka thuso ea ho nyolla mekotla le ho bona hore
ntlafatso e ba teng ka ho phethahala.
Nakong ea NGO Week, e bile monyetla oa hore re ke re etse ho hong ho
fapaneng le selemong se fetileng, ho bile le liphutheho tseo ho
tsona mekhatlo e bileng le menyetla ea ho botsa matona le ba bang ba
bahlomphehi litaba tse amanang le lintlafatso. Ha re hetla morao,
seboka sena e bile monyetla o moholo oa hore mekhatlo e kopane le ba
boholong bao hangata ho seng menyetla oa ho bua le bona.
Ho tloha hona joale, ha re bone eka mohlomong re tla kopana le
mathata a ho lula fats’e le ba boholong ho hlophisa litaba tsa rona
tsa ts’ebetso. Ha re qea-qee hore ho tloha hona joale re tla
tsoelapele ho ipeha kapele ho bona hore mesebetsi ea rona e ba ea
moshoelella le ho bona hore sechaba ka kakaretso se imona menoana
ts’ebetsong tsa rona.
Mekhatlo e Ikemetseng lilemong tsena tse fetileng, e bonts’itse hore
e sebetsa ka thata haholo ho hlohleletsa litaba tsa ntlafatso
metseng ea mahae le ho bona hore liphetoho e hlile li eba teng ho
mosotho e mong le e mong ka merero ea boithuso litabeng tsa temo le
tse ling. Ha re shebisisa hantle, mekhatlo e sebeletsa mosotho e
mong le e mong ho feta ‘muso o litulong hobane eona ha e sebetse ka
ho ea ka ts’ekamelo ea lipolotiki. Mesebetsi ea mekhatlo, ha e
nkeloe hlohong haholo ke mebuso ka lebaka la hoba eona e batla ho
sekisetsa karolo e itseng ea sechaba hore e tle e qetelle e ba
khethile likhethong tse hlahlamang.
Ho sebetsa ka thata hoa mekhatlo ho bonahala ka ho eketseha ha
lichelete bakeng sa mekhatlo ho e thusa kenya tsebetsong meralo ea
eona. Le ho tuma hoa mekhatlo lilemong tsa joale ke hobane e sebetsa
ka thata ekasitana le nakong eo ba senang chelete ea ho etsa
mesebetsi.
Batho ba bangata ba re mekhatlo ha ena boikarabello haholo litabeng
tsa lichelete empa ba sena bopaki ba sena. Ho feta mona mebuso le
eona e bonahala e ntse e sena boikarabello feela ho motho ea reng
letho ka sena. Mekhatlo e na le nalane e telele ea ho sebetsana le
bafani eo hangata o ka fumanang eona mebuso e tlameha ho qopitsa ho
bona ho ts’oara libuka le ho sebetsana le bafani. Ke nahana hore
mona ke moo re tlamehang ho ba opela liatla haholo bao ba
bonts’itseng boikarabello ka nako e telele.
Ha ho ntho e monate joalo ka hoba karolo ea mekhatlo e bonahalang e
tsoelapele e bile e Kenya letsoho litabeng tsa ntlafatso. `Me
Lekhotla le motlotlo haholo hoba karolo ea mekhatlo e bonahalang e
fetola maphelo a Basotho haholo tlaase tlaase metseng.
Moetapele oa Lekhotla ha a etsa puo ea hae o ile a bon’tsa hore
‘muso o butse menyako ea ho sebetsa le mekhatlo ‘me mekhatlo e
tlamehile ho nka monyetla oo ho ntlafatsa lits’ebetso tsa bona. O
boetse hape a tsoelapele hore ke nako ea hore mekhatlo e se emele
hore ho be le ho etsahalang pele e ka kena lipakeng, e be kapele
pele ho bonts’a ha hoena le hoo ho sa lokang kapa ts’ebetso e itseng
e sa tsamaee hantle.
Lemong sena mohoo oa rona o ne o re “Getting to Good Governance:
Overcoming hurdles of Poverty, HIV/AIDS and Weak Governance”. Seboka
sa selemo se ne se ts’oaretsoe Lesotho Cooperative College ‘me e ne
e le sa bo leshome le metso e ts’eletseng (16) le NGO week bo
ts’elela. Seboka se ile sa qala ka li 28 tsa Pulungoana 2005 ho ea
li 2 tsa Ts’itoe 2005. Seboka sena ke seo mekhatlo e kopanang ‘moho
ho qoqisana ka litaba tsa ntlafatso le lits’ebetso tsa bona ka ho
fapana e ka sitana le litebello tsa bona tsa nako e tlang.
|
|