Home  Contacts Related Links Feedback Search Sitemap
   LCN ONLINE
About Us
NGO's in Lesotho
Financial Management
Programmes
Resource Mobilization
Newsletters
Events
Press Releases
Vacancies/Tenders

Bohlale ha bo ahe nq`a e le ‘ngoe
Phuthehong e ngoe e neng e etelletsoe pele ke letona la temo e leng Ntate Phororo, o bontsitse hore bohlale ha boa he nqa e le ngoe, leha ekaba ea Lekala la temo kapa ea Lekhotla la Mekhatlo e Ikemetseng kapa eona mekhatlo, sechaba se tjametsoe ke bofuma, tlala thlokahalo ea mesebetsi le koatsi ea bosolla thlapi. Boipiletso mathateng a na letona le bonts’tse e le kopano ho se ea ntseng a re o feta e mong.

“Ka ha marema-tlou a ntsoe leng, ke ipiletsa hape hore re hle re thakelane ka mahlale, hona sebokeng sena, ho tsitsisa mekhoa eo re ka phethahatsang ‘moho katamelo ea ron ae ntlafetseng ho ba anngoeng ke lira tseo ke li boletseng” Letona phororo.

Mekhoa e latelang, keo Letona le bonts’itseng re ka bang ntsoe leng ho eona;

• Ho se be monakalali oa keboleloa Ho batho ba nang le bokhoni ba ho aqaolla bofumeng, empa e le meketa e ka itsosang. Ke mokhoa o khothaletsoang ke LRAP ‘me, o ananeloang ke Lekala la heso ho qoba katiso ea sechaba sa mekotla e rapameng e sitoang ho itjara.

• Ho khothaletsa boitjaro ka leano la ‘neheletse le tla anetsa lintlafatso sechabeng ka boitjaro thlahisong ea lijo tse ahang ‘mele, e le toants’o ea lefu la koatsi ea bossola thlapi, boiphepo le mocha oa chelete.

•Re its’etlehe ka makhabane a rona bohle , ao a fapanyetsanang, ho rala mokhoa o shoelelletseng oo re ka bonts’ang hore na ka selemo, le ho isa ho tse hloano, re tla be re thusitse malapa a make ka thlahiso ea meroho,

litholoana, mahe, nama, lebese. Re tla makala ho fumana hore thlahiso ka noesetso e ka ba e phahameng le ho feta ea mechini. Hona e tla be e le khatelopele ea ‘ha ho tume limelala’

• Ntlha ea bohlokoa ea ho qetela ke ho hlopha ‘moho litumellano tseo Lekala la heso le mekhatlo, ka bongoe kapa ka sekhurumetso sa Lekhotla, li ka li fihlelang (memorandum of understanding) morero le boikemisetso ke ho fana ka lits’ebeletso tse khabane , tse sa loants’aneng, tseo tse ling tsa tsona lekala le ka lifetisetsang ho mekhatlo ka kotloloho, feela re sebetsa ka Seahlolo se Babatsehang.


 
© Lesotho Council of NGO's - 2006

Designed by CBS