|
|
|
Na Basali
ba ka kena ka matla lipolotiking tsa naha: E be bokamoso bona bana
le bona likhethong tse tlang tsa 2007. |
Ho a thabisa ho bona hore
selemong sena sa 2005 Basotho ba se ba qalile ho itokisetsa likhetho
tsa 2007. Hona ho bonts’a ka ho tiea hore Lesotho le boemong ba puso
ea sechaba ka sechaba.
Mofumahali Keiso Matashane Marite ho tsoa mokhatlong oa Women and
Law in Southern Africa puong ea hae ea e entseng ka nako ea NGO
Week, o bonts’itse ho se khotsofale ha hae ke boemeli ba 30% nakong
ea likhetho tse sa tsoa feta tsa puso ea libaka. Mabaka a mangata a
sitisang hore Basali ba ikakhele ka setotsoana likhethong. “Na ebe
bokamoso bo teng ho Basali lipolotiking tsa naha?”. Potso ena motho
etla ha a hopola nalane ea Lesotho le lipolotiki tsa eona tseo ka
nako e telele li sitisitseng Basali ho kenella lipolotiking. Ho re
nkile lilemo tse fetang 36 ho ba le 12% ea basali ka hare ho
paramente ea rona. “Le ha ho le joalo, 50% ea boemeli ba Basali ke
ntho e ka etsahalang ha re le Basotho re hlile re tseba seo re se
batlang”, ho cho mofumahali Marite.
‘Me Marite o boetse a bonts’a hore ha a bua ka ho nka karolo
lipolotiking, ho ikakhela ka setotsoana ts’ebetsong ea sechaba.
Ho ikakhela ka setotsoana ho ka ba ka mekhahlelo e meraro;
Puso e lokolohile e bile e fa sechaba bolokolohi ba ho fana ka
maikutlo
Puso e fang sechaba boemeli ka mekhahlelo e fapaneng
Ho ba mohahi: sechaba se tlamehile ho fana ka maikutlo litabeng tse
ba amang le ho fumana lits’ebeletso tse potlakileng li bile li le
maemong a nepahetseng.
Hobaneng re hloka 50% ea Basali pusong?
Re hloka 50 % hoba re le setho sa African Union re bile re entse
tumellano le linaha tse ling tsa selekane sena ho bona hore re fa
Basali maemo a boemeli pusong. “Re keke ra ba boemong boo re ka reng
re pusong ea sechaba ka sechaba ha feela Basali ba se boemong boo re
ka reng ba khona ho kena lipolotiking ho sena lintho tse ba emang
pele”, ‘Me Marite. Puso ea sechaba ka sechaba ha e tsamae e le ngoe,
ke li ea thoteng le puso e lokolohileng bakeng sa boemeli bo
lokolohileng ‘musong.
Hobaneng ho nka karolo hoa Basali lipolotiking ho le bohlokoa? Hape
hobaneng ha re bua ka ho ikakhela ka setotsoana lipolotiking hoa
Basali? Karabo ea lipotso tsena e kaba hore na ke hobaneng re hloka
ho ba le ‘muso. Mebuso re e hloka bakeng sa ho laola lisebelisoa tsa
ntlafatso hore sechaba kaofela se tle se khone ho imona menoana. Ka
lebala lena, re hloka puso ea sechaba ka sechaba ho etsa bonnete ba
hore hoba le lintlafatso tsa moshoelella le kholo ea moruo. Tsena
kaofela tse seng li builoe mona li bonts’a hore ka bobeli, bo Ntate
le bo ‘Me baa hlokahala ho kena ka matla litabeng tsa puso.
Lits’ia tse kholo tsa puso ea sechaba ke boemeli, boemeli le boahi
Re ka etsa joang ho fihlela ho nka karolo ka matla?
Re ka fihlela hona ka ho lokisa litsela tsa ts’ebetso tseo li neng
li sitisa mekhahlelo e itseng ea batho ho nka karolo litabeng tseo
khale li neng li shejoa ka leihlo la botona kapa botsehali.
Liphetoho li ea hlokahala ho tloha boemong bo tlase ba sechaba hore
se tle se utloisise kamano lipakeng tsa puso ea sechaba ka sechaba
le litaba tsa tekano. E kaba feela ha sechaba se utloisisa kamano
ena se ka sebetsang ka thata ho bona hore ha ho karolo e itseng ea
sechaba e tlolisoang mahlo holimo. Liphetoho li ka etsoa ke rona
kaofela re le sechaba.
Puso ea sechaba ka sechaba e utloisiseha e le tsela ea ho nts’ets
pele tsela ea puso ea sechaba e leng boemeli le ho hlompha ka hohle
hohle puso ea molao. Kutloisiso e ngoe ea puso ea sechaba ka sechaba
e kaba tokelo ea ho nka karolo litabeng tse ba amang, ho khola
melemo ha hona le likotulo le bolulo bo fanang ka khotso. Likatleho
tse seng li fihletsoe ke mekhatlo e sebetsanang le litokelo tsa
Basali li bona ho le bohlokoa ho amahanya puso ea sechaba ka sechaba,
tekano le lintlafatso le ho kenyeletsa tekano litabeng tsa ho
nts’etsa pele puso ea sechaba ka sechaba. Kamano ena e ka fihleloa
ha mekhatlo kapa lihlopha tse sebetsanang le litaba tsa tekano e ka
kenyeletsoa ka hare methating e fapaneng ea litaba tsa puso e le ho
bona hore likarolo tsohle tsa sechaba lia sebeletsoa.
Liqholotso
Liqholotso li batla li le ‘maloa tse amanang le litaba tsa puso ea
sechaba ka sechaba, bongata ba tsona li amana le litaba tsa tekano.
Liqholotso tsena li qala ka kutloisiso ea ts’ebetso ea ‘muso o
litulong le bokhoni ba ona ba ho sebeletsa lihlopha tse fapaneng tsa
sechaba litabeng tsa moruo, lpolotiki le ho laola lits’ebetso tsa
ona e le ‘muso. Liqholotso tsena li ka beoa ho thoe ke tsa ho nka
karolo le boemeli. Ho nka karolo ka mokhoa oa tekano ha ho bolele
feela hore na ke Basali ba ba kae kapa Banna ba ba kae ba nkang
karolo empa e tlamehile hoba taba ea hore na ke ba ba kae ba nang le
litaba tse hlakileng li bile li na le tsoelopele ho sechaba ka
kakaretso.
Ha motho a sheba taba ea hore Basali ke bona ba bangata lefats’eng
ka bophara, empa ke ntho e makatsang hore e be ha ba bangata pusong
Boemeli
Boemeli ba Basali bo bonahala boena le bothata bo boholo ka mabaka
ao ka nako e ngoe a etsonga feela ke taba ea litloaelo tsa rona re
le sechaba. Kholisong ea Sesotho, motho oa Monna ke eena feela eo re
le sechaba re bonang e kaba moetapele, hona ho tlamehile ho fetoha
hobane Basali le bona ba ka emela sechaba litabeng tsa puso joalo
feela ka Banna.
Ho nka karolo
Basali ba bangata ba fumanoa ba le tlase tlase kahara mekha ea
lipolotiki moo bongata e leng taba ea ho shebana le botho ho feta ho
etsa liqeto. Bongata ba bona ban ka karolo ea ho ts’ehetsa Banna bao
hangata e leng bona ba ka pele-pele. Ho nka karolo hoa Basali e
boela e ba qholotso hobane bongata ba Basali ha ba khone ho fihlella
boemo ba ho etsa liqeto le ho etsa melao.
Taba ea ho qetela litabeng tsena tseo re seng re buile ka tsona ke
taba ea ho hloka lithupelo tse hlakileng litabeng tsa lipolotiki tse
ka etsang hore bo ‘me ba iphumane ba ka khona ho tsoella
lipolotiking. Litaba tsa litloaelo tsa rona re le Basotho le
likholiso tsa rona le tsona li bapala karolo e kholo hore e be ho
fihlela kajeno, Basali ha ba ikakhele ka setotsoana lipolotiking le
mesebetsing eohle e etsang hore ba bue ba nts’e maikutlo. Mabaka ana
kaofela ona a etsang hore Basali ba hloke ts’epo lipolotiking.
|
|